Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
• Ho aha bacha hore ba khone ho shebana le liqholotso tse amanang le moruo ka hare ho naha ea Lesotho.
• Ho buella ntlafatso ea maano a shebaneng le tlhahiso ea mesebetsi, haholo-holo bakeng la bacha
• Ho thusa bacha hore ba utloisise liqholotso tseo ba tobaneng le tsona le ho ba thusa ka mekhoa ea ho li fenya
• Ho sebeletsa tsoelo-pele ea bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing ka har’a naha ea Lesotho.
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
• Ho fana ka liaparo
• Mesebetsi e kenyang chelete bakeng la bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing
• Ho buella bana ba likhutsana le bao maphelo a bona a leng tlokotsing ka ho kopanya litlhoko tsa bona holim’a pampiri ebe li romelloa ‘Musong le ho sechaba ka kakaretso hore ba fumane lithuso tsa lichelete.
• Re sebetsa le bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing ba mashome a mararo (30)
Meralo ea ka moso:
• Thuto: ho lefella bana ba likhutsana ba mashome a mabeli 20 likolong ka selemo, ho fana ka lisebelisuoa tse ling tsa sekolo tse kang seaparo sa sekolo, le lisebelisuoa tsa ho ngolla le mekotlana ea libuka tsa sekolo
• Ho etsetsa bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing chelete e tla ba phelisa
• Hofana ka liphahlo ho bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing
• Ho buella thuto le ts’ireletseho ea bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing
• Re ntse re rera ho nts’etsa pele mokhatlo oa rona mafapheng a latelang: boetapele, botsamaisi, meaho, ntlafatso ea botho
Litlhoko tsa mokhatlo:
Ts’ehetso ka lichelete bakeng la ho atolosa mosebetsi oa mokhatlo
Ts’ehetso ea litsebo, basebetsi le chelete
Litlhoko tsa koetliso:
Tsamaiso ea lichelete, mekhoa ea boipheliso, ts’ebeliso e ntle ea lisebelisuoa le boetapele.
Litaba tsa mokhatlo ona li ntlafalitsoe ka ‘Mantaha oa la 21 Loetse 2009. ·Ka kopo se ele letsatsi le behiloeng ka tlase hloohong.
Mefuta:
Motlatsi Motsepe, Moporesitente
m: +266 5857 5307
Lintlha tsa mantlha tsa khokahano Lesotho:
Nts’ekhe Tlaba, Mongoli e moholo
m: +266 5857 5253
e: yetsecretariat@yahoo.com
Postal Address:
Mokhoa ngollano ka poso:
PO Box 2185
Maseru 100
Lesotho
Physical Address:
Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona:
Bochabela, Sebaboleng Ha Mabote
Tseleng ea Lancers Gap mabapi le Hardlivings
Maseru West, Maseru