Mefuta:
Bafani ba lithuso, Mokhatlo o Ikemetseng oa Machaba, Mokhatlo o Thehiloeng tlasa Bolumeli
Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:
Bahlokomeli, Balisana, Bana ba hlekefelitsoeng, Bana bao eleng lihloho tsa malapa, Basali, Batho ba phelang le ts’oaetso, Bokooa, Orphans and Vulnerable Children, Youth
Basebetsi ba Lefshoang:
400
Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:
1. Mokhatlo oa Habitat for Humanity Construction o thusang bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing ka ho ba ahela matlo
2. Mokhatlo oa machaba oa lithuso baneng, NGOC, Mapolesa, Lefapha la boiketlo ba sechaba, Thuto, Mohlokomeli oa lekhotla le phahameng, Lefapha la ba tekong joalo-joalo, litabeng tsa bana
3. Lekhotla la naha la AIDS, UNAIDS, Lekala la bophelo, PSI, Mokhatlo oa thero ea malapa, litabeng tsa bophelo holim’a litaba tsa HIV le AIDS le bophelo
4. Mokhatlo oa taolo ea likoluoa, Mokhatlo oa lefatše oa lijo litabeng tse amanang le batho
5. Lekala la temo, CARE-Lesotho, Lefapha la lithuso la Catholic
Khokahano le mekhatlo e menyenyane e ikemetseng, mekhatlo ea metseng, lekala la puso ea libaka le taba tsa borena le ho sebetsa le Likereke.
Lefapha la Mantlha:
Bafani
Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:
Bohloeki, Boiketlo ba sechaba, Bokooa, Bophelo, Koatsi ea bosolla Hlapi/Kokoana hloko ea HIV/AIDS, Koetliso, Lijo, Mats’olo, Mesebetsi ea Bacha, Phepelo ea metsi, PMCT, Temo, Thuto, Tlhokomelo ea bophelo, Tlhokomelo ea malapeng
Location:
Maseru
Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:
Berea, Butha-Buthe, Leribe, Mafeteng, Maseru, Mohales Hoek, Quthing
Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
Re mokhatlo oa bolumeli o shebaneng le bana. Bana esale ba le khubung ea lekala la World Vision, haholo-holo ba tlokotsing. WVI e se e entse mosebetsi o moholo ho netefatsa hore bana ba phela. Sepheo sa World Vision Lesotho ke ho ntlafatsa maphelo a bana bohle. Ke chebelo-pele ea WV ho bona hore bana bohle ba na le bophelo ka botlalo. WV e bona bojoale le bomoso e le moo bana ba nang le menyetla le mekhoa ea ho ba seo Molimo a ba reretseng ho ba sona. WV e lebeletse ka thahasello ho chaba ha letsatsi leo takatso ea sechaba seo ba se sebeletsang e tlamelletsoe boiketlong ba bana ba bona.
Phokotso ea bofuma ka mesebetsi ea sechaba holim’a bana
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
Tlhokomelo le tšehetso ea Likhutsana le bana ba phelang tlokotsing, Thibelo ea HIV le AIDS, Bobuelli, Lithuso baneng, Litaba tsa bophelo, Phepo e nepahetseng, Mesebetsi ea ho bokella chelete, Temo le tšireletso ea lijo.
Ts’ireletso ea bana le bobuelli: Ho sebetsa ‘moho le mokhatlo oa machaba oa lithuso baneng, kopano ea mekhatlo e ikemetseng le ba nang le kob’a bohali ho buella bana le litokelo tsa bona le ho kenyeng letsoho ha bona. Ho koetlisa batho ba tla thusa liakhente hore li etse mosebetsi oa bona le mekhatlo e meng ea metseng litabeng tsa molao tse amanang le bana le tekano ho khothaletsa phalimeho le ho thusa likamano le tsamaiso e nang le toka. Ho tataisa likopano tsa bana le puisano e le ho etsa hore lentsoe la bana le utloahale e le ho susumetsa phetoho ea maano.
Mokhoa oa/litaba tsa bopheliso le polokeho ea lijo: Ho ntšetsa pele menyetla le ntlafatso ea likhoebo tse nyenyane. Ho tšehetsa tlhahiso ea noesetso, thuho ea liphoofolo le kanetso ea lipeo, temo e pharaletseng, paballo ea mobu. Ho tla talingoa haholo pheliso ea litsietsi le ho ntšetsa pele ho fumanoa ha thepa. Ho tla thusoa malapa ho boloka ho fihlela phepo ea lijo tse matlafatsang le ho ntlafatsa seo malapa a se fumaneng.
Ho ntlafatsa phumaneho le boemo ba thuto ea mantlha: Ho tšehetsa matšolo a
Sebetsang le ‘Muso le basebetsi-‘moho ba bang ho tšehetseng likhutsana le bana ba phelang tlokotsing hore ba fumane thuto ea bona le litaba-tabelo maphelong a bona. Ba shebiloeng ba tla kenyeletsa bana ba nang le bokooa.
Bophelo, Phepo e nepahetseng, Metsi le Bohloeki:
Phahamiso ea phumants’o ea tlhokomelo ea mantlha ea bophelo ho shebanoe le kentelo, kalafo e potlakileng ea serame sa mats’oafo, bophelo ba ho hlahisa bana (tlhokomelo e amanang le bokhachane le ho pepa ka tsela e bolokehileng/katleho). Ho phahamisa phumaneho ea metsi a bolokehileng (a hloekileng) ho thibela lets’ollo. Ho phahamisa phepo e nepahetseng haholo-holo ea bana ba katlaase ho lilemo tse hlano ka kanyeso ea maseea, ho ja lijo tse nang le matsoai a hlokoang ke ‘mele, phepo e nepahetseng le thuto ka lijo. Ho kenya letsoho phokotsong ea mafu a tšoaetsanang joaloka lefuba.
Thibelo ea HIV le AIDS le tlhokomelo ea likhutsana le bana ba phelang tlokotsing:
Ho kenya letsoho phokotsong ea sekhahla sa tšoaetso ea HIV le AIDS baneng le ba malapa a bo bona. Ho ntlafatsa maemo a bophelo ba likhutsana le ba bana ba phelang tlokotsing ka tlhokomelo ea kopanelo metseng. Ho tšehetsa liphetoho tsa maano a sechaba ho netefatsa ts’ireletso ea litokelo tsa batho ba phelang le kokoana-hloko ea HIV/AIDS, kapa likhutsana. Ho koetlisa Baruti boemong ba naha le litsing tsohle tsa WV moo ho tšehetsoang mananeo a motseng ka mecha ea ho felisa sekhobo ho arabela litaba tsa morao-rao tsa metsoalle e mengata thobalanong e leng bona boemo bo ntseng bo etsa hore boemo ba tšoaetso bo phahame haholo. Ho ntšetsa pele boemo ba lilemo ka ho fana ka malebela a bophelo ho isa ho 20% ea hlano (5) ho isa leshome le metso e robeli (18) libakeng tsohle tsa ntšetso pele ea mananeo. Ho tataisa ho phetisetso ea bakuli ho ea libakeng tseo ba tla fumants’oa thuso bakeng sa thibelo ea tšoaetso ho tloha ho ‘m’a ho ea ho leseea. Ho tšehetsa tlhokomelo ea sechaba se sebetsang ‘moho, e le mokhoa o phethahetseng oa tlhokomelo ea sechaba ho likhutsana le bana ba phelang tlokotsing le batho ba maemong a hlobaetsang a bokuli metseng eohle e ts’ehelitsoeng ke mananeo WV-Lesotho.
Thuso ea lijo ea likoluoa:
Ho fana ka tšehetso ho batho ba likete tse makholo a mararo (300, 000) ba tlokotsing ea tlala ka ho phallela kapele-pele ka lijo, chelete le liphallelo tsa merero ea ntlafatso.
Meralo ea ka moso:
Ho tsoela-pele ka mesebetsi e boletsoeng
Morero oa thibelo ea HIV, Morero oa polokeho ea lijo, Morero oa noesetso, Morero oa ho tšehetsa likhutsana le bana ba phelang tlokotsing
Litlhoko tsa mokhatlo:
• Lithuso baneng
• Lithuso tsa lichelete bakeng sa tlhokomelo ea likhutsana le bana ba phelang tlokotsing le litaba tse amanang le bophelo.
Bafani:
Lithuso tsa lichelete:
Lichelete tsa WVL li kolla mehloling e meraro, limpho tsa lithuso tsa lichelete tsa ‘Muso, Lihlapiso tsa bana le lithuso tse ling tsa ba ikemetseng. Tse ling li tla e le chelete ha e le tse ling e le limpho joaloka lijo nakong ea komello, liphahlo joalo-joalo. Bafani ba rona ke AUSAID, USAID, le Global Fund. Bafani ba bang ke ba World Vision United States, WV Australia, Singapore, Taiwan, Hong-Kong, Korea, Canada le Switzerland le PEPFAR
Litaba tsa Mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka: La bone la la 2 Phupu 2009. Ka kopo se ele letsatsi le behiloeng ka tlase hloohong.
Mefuta:
Martin Silutongwe, Mookameli boemong ba naha
t: +266 2231 7371
f: +266 2231 0255
e: Martin_Silutongwe@wvi.org
Mookameli oa liphatlalatso, Makopano Letsatsi
t: +266 2231 7371
Maureen Kabey, Mohokahanyi oa thibelo ea HIV
t: +266 2231 7371
e: Maureen_Kabey@wvi.org
Postal Address:
Mokhoa ngollano ka poso:
Private Bag A256
Maseru 100
Lesotho
Physical Address:
Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona:
Tseleng ea Tona-Kholo Mabapi le koleche ea Machabeng ka Bophirima ho Maseru