Mefuta:
‘Muso le tse Ling
Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:
Basali, Batho ba phelang le ts’oaetso, Orphans and Vulnerable Children
Basebetsi ba Lefshoang:
N/A
Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:
Lichelete li laoloa ka botlalo ke Moemeli oa U.S. ka maikutlo a hae. Likamano ka hare ho naha ke tsa bao re ba thusang empa moo ho hlokahalang kapa ho khonahalang, boemeli ba Amerika bo e sebetsa hantle ‘moho le bafani ba bang katlehisong ea merero.
Lefapha la Mantlha:
Bafani
Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:
Bohloeki, Koatsi ea bosolla Hlapi/Kokoana hloko ea HIV/AIDS, Phepelo ea metsi, Thuto, Tlhokomelo ea malapeng
Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:
Berea, Butha-Buthe, Leribe, Mafeteng, Maseru, Mohales Hoek, Mokhotlong, Qachas Nek, Quthing, Thaba-Tseka
Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
1. Lesotho Ambassadors Girls Scholarship Program (AGSP)
2. Democracy and Human Rights Development Fund (DHRF)
3. Ambassadors HIV/AIDS Community Grants
4. Ambassadors Special Self-Help
Haeba bakopi ba le teng ba batlang ho tlisa likopo tsa bona boemeling ba Amerika naheng ea Lesotho, ba lokela ho sheba marang-rang ana a khokahano: (www.maseru.usembassy.gov) ebe ba latela khokahano ho ea ho Self Help le DHR fund, kapa ba lokolohe ho letsetsa ofisi ea Merero e Khethehileng mona: +266 2231 2666.
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
1. Lesotho Ambassadors Girls Scholarship Program (AGSP)
Ambassadors Girls Scholarship Program e qalile ka selemo sa 2000 Lesotho tlas’a Education for Development & Democracy Initiative (EDDI) ‘me e se e thusitse ho fana ka lihlapiso tse ka bang ka holimo ho 500. Lilemo tse ‘ne ka morao ho moo ho ile ha latela Africa Education Initiative (AEI) ho nts’etsetsa pele sepheo sa lenaneo e leng ho ntlafatsa menyetla ea bana ba MaAfrica e le hore ba phele bophelo bo thabisang, ba phele bophelo bo botle, ‘me ba fetohe bahlahisi ka hara naha ea habo bona. Mona ho latela linomoro tsa lihlapiso le lichelete tse seng li abetsoe batho ka har’a naha ea Lesotho ka tlas’a AEI.
Ka selemo sa lichelete sa 05/06 $65,886 e ile ea sebelisoa ho thusa banana ba 172; e leng ba 110 sekolong sa mathomo ba bang ele ba sekolo se bohareng. ka SELEMO SA LICHELETE06/07 $91,057 e ile ea sebelisoa ho thusa banana ba 172 ha ka SELEMO SA LICHELETE08 $170,290 e sebelisitsoe ho thusa banana ba 172 le bashanyana ba 100 e le lekhetlo la pele. Ka SELEMO SA LICHELETE09, $135,798 e sebelisoa ho thusa banana ba 122 le bashanyan ba 93 (ba 65 thutong ea mathomo le e mahareng le ba 28 e le balisana). Baamoheli ba thuso tsena ba thusoa ho tloha likolong tsa mathomo ho ea fihla ho tse bohareng. Lilemo tse peli tse setseng e leng tsa sekolo se phahameng pele ngoana a eea likolong tsa thuto e phahameng ha li lefelloe lenaneong lena. Sena se bolela hore khaotso e sa lebelloang ea ho kena sekolo ho ba bang ba bana lilemong tseo ba lokelang hore ebe ba ntse ba tsoela pele ho kena sekolo e le ho ba lokisetsa ho ea likolong tsa thuto e holimo. Ho tloha ka selemo sa 2005 ho isa 2007, baamoheli ba 71 ba ngotse hlahlobo ea lengolo la sekolo se bohareng (Junior Certificate). Litlaleho tse seng tsa molao li bonts’a hore ke ba seng ba kae feela ba bona ba fumaneng lihlapiso tsa hore ba ntšetse lithuto tsa bona pele likolong tse phahameng ha boholo ba bona bo sa khona hohang ho ea sekolong. Ka selemo sa 2008, baamoheli ba 54 ba fihletse lilemo tse ka holimo ho tsa ho kena sekolo ha ba qeta ho ngola lihlahlobo tsa lengolo la thuto e mahareng.
E ‘ngoe ea lintlha tsa lenane lena ke ho fana ka bosupa tsela bo shebaneng le thibelo le pheliso ea HIV/AIDS baamoheling ka thuto le lithupello ea HIV/AIDS e etsoang habeli ka selemo.
2. Democracy and Human Rights Development Fund (DHRF)
Ka SELEMO SA LICHELETE 07 tlas’a lenaneo lena, Sehlopha sa ts’ehetso ea HIV/AIDS se ile sa sebetsana ka kotloloho le litokelo tsa mantlha tsa botho tsa likhutsana le bana ba phelang tlokotsing (OVC). Lithupelo li boetse li reretsoe baahi ba metse le baamani ba setseng ba hlokomela likhutsana le bana ba phelang tlokotsing. Bana e ne e le ho tloha ka ba lilemo li ts’eletseng ho isa tse leshome le metso e meraro ba neng ba rutoa ka nako eo likolo li phomotseng. Sena se entsoe haholo hobane ba bang ba amehang tabeng ena bosieong ba batsoali ba bona ba fetohile lihlooho tsa malapa kapa ba se ba hlokomeloa ke baamani bao hangata ka ho se elelloe kapa ka boomo ba sa tsotelleng litokelo tsa bana. Bana ba fuoa litsebo tsa molao tseo ba ka li sebelisang ha ba thulana le maemo a bophelo a hlobaetsang.
3. Ambassadors HIV/AIDS Community Grants *************
Ka mor’a ho amohela $75,000 ea SELEMO SA LICHELETE sa 2008 ts’ehetso ea lithuso tsa chelete e tsoang PEPFAR e ile ea abeloa lihlopha tsa ts’ehetso ea HIV/AIDS tse 14 le mekhatlo ea lithuso e qalileng mesebetsi e kenyang chelete. Merero e lebeletsoe hore e be ea moshoelella e le hore ha morao ts’ehetso e fetisetsoe ka bobeli ho bana ba likhutsana le bao maphelo a bona a leng tlokotsing, le ho batho ba nang le tšoaetso le ba anngoeng ke kokoana-hloko ea HIV/AIDS ka hara metse. Lihlopha li nkile kano ea ho tšehetsa litlhoko tse latelang tsa likhutsana le bana ba phelang tlokotsing: phepo, liaparo, thuto, bolulo, tšireletso, le tlhokomelo ea bophelo ka kakaretso. Basebetsi ba Embassy ba sala morao tšebetso ena ho bona hore na e fela e phethahatsoa.
4. Ambassadors Special Self-Help
Lenaneo lena e sebetsa haolo-holo e le mokhoa oa ho etsa hore merero e atlehe ho ntse ho etsoe hloko ho tse:
•Ntlafatsang maemo a mantlha a moruo kapa a phelisano boemong ba litikoloho le ba metseng;
•Tšehetsang khahlamelo e phahameng, e potlakang ho kenya ts’ebetsong mesebetsi e’o ka eona boholo ba batho bo tla khola tse molemo (tsena li loketse ho etsahala nakong e sa feteng selemo);
•Kenyeletsang seabo sa tse fumanehang haufi ka mlokhoa oa chelete, basebetsi kapa lisebelisuoa ebile li ka sebelisoa le ho bolokoa maemong a tsona (lokisa) ke sechaba sa metseng;
•Arabelang ka mokhoa o totobetseng boiteko le litaba-tabelo tsa sechaba sa tikoloho seo e boetseng e le sona se tla fumana molemo.
Ho latelang ke mehlala ea merero e amohelehang.
•Tse netefatsang hore litšebeletso tsa metsi le likhoerekhoere tse tšepahalang tsa moshoelella lia fumaneha ka ho pharalla bakeng sa bophelo bo botle, polokeho le khora (eseng litaba tse amanang ka kotloloho le temo le litaba tsa boemo ba malapa);
•Tse thusang sechaba se khethehileng se ka ‘nang sa eba maemong a tlokotsi kapa tsietsing ha nakoana kapa hofihlela joaloka batho ba nang le bokooa, likhutsana, bana le bacha ba maqakabetsing, bochaba ba baahi ba fokolang ka palo ba sa bueng Sesotho, metsofe (maqheku le maqhekoana), malapa a’o lihloohotsa ona e leng basali, kapa lihlopha tse ling tse qheletsoeng ka thoko ke sechaba; le
•Tse sebetsanang le ho thusa sechaba.
Meralo ea ka moso:
Ho itšetlehiloe ka boteng ba lithuso tsa lichelete tsa bafani, U.S. Embassy e rerile ho atolosa mesebetsi ena ea eona.
Bafani:
’Muso oa U.S.
Litaba tsa Mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka: Laboraro la la 1 ‘Mesa 2009. Ka kopo se ele letsatsi le behiloeng ka tlase hloohong.