Letsema
Letsema ke khokahanyo ea basebeletsi ba fanang ka litšebeletso tse fapakaneng thuso ho bana ba likhutsana le ba tlokotsing ka hara naha ea Lesotho.
Maikemisetso a Letsema a tsepamisitsoe holima tsebelisano moho, kopano le khokahano pakeng tsa bafani ka hara naha ea Lesotho ka ho bokella le ho fana ka litaba. Letsema le fihlella sena ka mefuta e meraro e leng; moka oa khoeli le khoeli, mangolo a tsoang ka likaroloana tsa selemo, ha moho le litaba tse fumanehang marang-rang.
Rea o amohela ho hloela marang-rang e le ho bona mekhatlo e teng ho thusa ka ho phatlalatsa litaba tse amanang le bana ba likhutsana le ba tlokotsing le ho sheba lisebelisoa molemong oa bana bao.