Tabitha Care

Mefuta:

Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:

, , , , , , , , ,

Basebetsi ba Lefshoang:

4

Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:

Hope of the World, Lesotho Inter-Religious Consortium, Sisters of the Good Shepherd, Community Council Semonkong A13, Community Council Telle A15, NAC, Semonkong Aloe Health, Dorcas Aid International

Lefapha la Mantlha:

Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:

, , , , , , ,

Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:

Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:

    Ho sebeletsa sechaba sa Semonkong ka ho fokotsa khaello ea lijo, likheo tsa tsebo le bokhoni ho ba thusa ho itjara.

    Chebelo pele ea TCO

    Chebelo-pele ea kantle
    “Re lora ho bona sechaba sa Semonkong se khona ho shebana le maqheku ea sona, Batho ba phelang le ts’oaetso le Bana ba Likhutsana le ba Tlokotsing”.

    Chebelo-pele ea kahare
    “Sechaba sa Semonkong se etsang karolo ea mashome a ts’eletseng lekholong 60% (malapa) se khona ho shebana le maqheku a bona, Batho ba phelang le ts’oaetso le Bana ba Likhutsana le ba Tokotsing.”.

  • Ho thusa bana ba likhutsana le ba tlokotsing tikolohong ea Semonkong ho ikemela e le hore ka moso ba tsebe ho itjara bophelong
  • Ho thusa maqheku le maqhekoana Semonkong haholo ba hlokomelang likhutsana le bana ba tlokotsing ba bakiloeng ke lefu la HIV&AIDS.
  • Ho fana ka tsehetso ea kelello ho bana ba likhutsana le ba tlokotsing ha moho le maqheku le maqhekoana
  • Ho fana ka thupelo eo mosebetsi oa boipheliso
  • Ho fana ka litlhko tsa thuto baneng ba likhutsana le ba tlokotsing Semonkong

Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:

    Lihlapiso
    • Thuto. Chelete ea sekolo ea Bana ba Likhutsana le ba Tlokotsing ba 130 e patetsoe ho tloha selemo sa 2003, libuka , seaparo sa sekolo, lieta le tsohle tsa sekolo ba thusoa ka tsona ho fihlela ngoana a fihla Form E.
    • Bophelo. Bana ba 130 ba ea tlhatlhobong setsing sa bophelo sa St. Leonard .
    • Ts’ehetso ea maikutlo, pelo le moea. Basebetsi ba rona ba sechaba ba ba etela habeli hae le hangata sekolong ka selemo. Koetliso ea litsebo tsa bophelo li ts’oaroa khoeli le khoeli bakeng sa bana ba 130 moo ho ts’ohloang lihlooho tse kang HIV/AIDS, tataiso ea thuto, ho tataisa ka khetho ea mosebetsi, le lipuo tse khothatsang, lipapali ba ea li ts’oareloa kaofela bana.
    • Liaparo. Phano ea liphahlo ho Bana ba Likhutsana le ba Tlokotsing ba 20 ho tsoa ho bafani ka mora khoeli tse ling le tse ling tse tharo.

    Tlhokomelo ea Maqheku/batho ba holileng lilemong
    • Bophelo. Maqheku a 70 a tsamaea tlhatlhobo setsing sa bophelo sa St. Leonard .
    • Ts’ehetso ea hohle, ‘mele, pelo le moea . maeto a mabeli a lapeng le a mang ka khoeli motseng a etsoa ke basebetsi ba sechaba (social workers) ka selemo. Likopano tsa khoeli li ba teng tsa maqheku kaofela e 70
    • Lipuisano tse kang tsa HIV le AIDS,Lipuo tse khothatsang le koetliso tsa ho kenya chelete lithuto tsa Bibele li ts’oareloa maqheku ohle.
    • Liaparo. Ba fuoa liaparo

    HIV/AIDS
    • Batho ba 100 ba phelang le ts’oaetso ba etsa ts’ebetso tse kenyang chelete
    • Ho ts’oaroa likopano ka beke bakeng sa litho tse 11 tsa komiti ea Batho ba Phelang le Ts’oaetso ho ts’ohla merero ea boipheliso
    • Maeto a boithuto a litho tsa komiti
    • Litho tse lekholo li fuoa peo
    • Litho tsohle li ts’oareloa koetliso ea Temo
    • Ho ts’oaroa koetliso tsa ntlafatso bakeng sa batho ba phelang le ts’oaetso
    Merero ea kamoso:
    Ho aha mokhatlo o matla o nang le bokhoni o tla tseba ho fana ka lits’ebeletso tsa boemo bo holimo sechabeng.

    Ho tataisa litho ho rarolla liqaka le ho nka karolo nts’etsopeleng ea bona.

  • Thuto: Re lefella likkhutsana le bana ba tlokotsing ba mashome a mararo likolong tsa lehae kaono Semonkong
  • Thuto: Re fana ka liaparo tsa sekolo, lieta, le ho lefella maeto a sekolo
  • Tshehetso ea kelello: Re loanela litokelo tsa bana ba likhutsana le ba tlokotsing tikolohong ena ea Semonkong
  • Tshehetso ea kelello: Re tsoara likopano tsa tlhabollo ka lihopha le ka bo mong
  • Re fana ka lihlopha tsa lijo khoeli le khoeli
  • Re reka liaparo
  • Ka kakaretso, re fana ka tlhabollo ho bana ba likhutsana le ba tlokotsing, e ka ba ka tsela ea maikutlo, moea, kelello, bophelo le motho ka bo ena
  • Ho hloela malapa: Basebetsi ba Thabitha Care Association ba hloela malapa ka likaroloana tse ne tsa selemo ho bana ba lekholo le mashome a mararo ba likhutsana le ba tlokotsing, bona ke ba lefellong ke mokhatlo
  • Phetolo ea boitsoaro: Boithuto ba bebele, bophelo ba taba tsa thoabalano, Taba tsa pelehi, le tataiso ea khetho ea bokamoso

Meralo ea ka moso:

  • Ho atleha ho thusa bana ba likhutsana le ba tlokotsing ba bangata
  • Ho thusa ho ntlafatsa Semonkong ka hoba le bacha ba bangata mafapheng a fapaneng a bophelo
  • Ho thusa sechaba ho sebetsa ha moho

Litlhoko tsa mokhatlo:

    Lithuso tse ling bakeng sa mots’oari oa libuka le mookameli oa morero, re hloka hape lithuso bakeng sa setsi se secha se ntseng selohothoa hona Semonkong

    Litlhoko tsa koetliso: Koetliso ea ts’oaro ea lichelete, koetliso ea ho bokella chelete, koetliso ea likomporo, likoetliso tsa tsamaiso ea morero.

  • Mokhoa oa ho phetha maeto
  • Ho ba le sebaka sa tsebetso seo e leng sa mokhatlo
  • Ho rupeloa ntleng ea tsamaiso

Bafani:

Dorcas Aid International

Mefuta:

Monaheng Sekese, Mookameli oa morero
m: +266 5886 5525
e: sekese@tabithacare.co.ls

Bokang Ramatsella, Mitigation Officer
m: +266 6314 5869
e: office@tabithacare.co.ls

Lintlha tsa mantlha tsa khokahano Lesotho:
Mohau Tlooko, Mongoli
m: +266 6331 2447
e: office@tabithacare.co.ls

Postal Address:

Mokhoa ngollano ka poso:
PO Box 15253
Maseru 100
Lesotho

Physical Address:

Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona:
St. Leonard RCM , Compound
Semonkong, Maseru