Mefuta:
Mokhatlo o Ikemetseng oa Machaba
Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:
Basali, Batho ba phelang le ts’oaetso, Males
Basebetsi ba Lefshoang:
90 – 100
Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:
Mokhatlo oa PSI/Lesotho o sebetsa ‘moho haholo le Lekala la Bophelo le Boiketlo ba Sechaba Lesotho, TEBA, LDF, Mokhatlo oa lefats’e oa Lijo (WFP) le a mang a makalana a Mokhatlo oa Machaba a kopaneng UN, Peace Corps, le lethathamo la mekhatlo e meng e ikemetseng, e kang CARE le World Vision.
Lefapha la Mantlha:
Tsebeletso ea bophelo bo botle
Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:
Counselling, Koatsi ea bosolla Hlapi/Kokoana hloko ea HIV/AIDS, Koetliso, Thuto, Tlhokomelo ea bophelo
Location:
Maseru
Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:
Butha-Buthe, Leribe, Mafeteng, Maseru, Qachas Nek
Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
Thomo ea PSI ke ho ntlafatsa ka tekanyo e itseng maphelo a mafutsana le batho ba phelang tlokotsing linaheng tse futsanehileng, ka papatso ea lihlahisoa tsa bophelo le litšebeletso tsa lefapha la thero ea malapa, le phapanyetsano ea litaba tsa bophelo. Papatso ea sechaba e kenyeletsa lisebelisoa tsa mafapha a ikemetseng le tšebeliso ea malebela a mafapha a ikemetseng ho khothaletsa boitšoaro bo botle le ho etsa hore ‘maraka o sebeletse mafutsana.
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
Thuto ea Methaka
Ka Pherekhong ea selemo sa 2006, ka ts’ehetso ea Lekhotla la Nts’etso-pele la Ireland (Irish Aid), PSI/Lesotho e ile ea qala lenaneo la thuto ea methaka, ea hira barupeli ba kantle ho ofisi ho eketsa patleho ea litšebeletso tsa tlhabollo le hlahlobo ea boithaopi (VCT) le ho khothaletsa boitšoaro bo matlafetseng ha ho tluoa litabeng tsa thobalano. Barupeli ba metseng ba bokella lihlopha tsa batho, ba rupella ka litaba tsa HIV le litšebeletso tsa tlhabollo le hlahlobo ea boithaopi (VCT), ho fetisetsa batho ba fetang ba makholo a tšeletseng le mashome a mahlano 650 litsing tsa tlhabollo le hlahlobo ea boithaopi New Start ka khoeli le ho matlafatsa le ho tšehetsa lihlopha tsa kamor’a hlahlobo. Ka lenaneo lena PSI/Lesotho e sebelitse hantle le The Employment Bureau of Africa (TEBA), Lebotho la Tsireletso Lesotho (LDF), Batho ba hoebang ka ‘mele (CSW), marena a metse le baeta-pele ba setso.
New Start VCT
PSI e ile ea thakhola tšebeletso ea ho ithaopela ho hlabolloa le ho hlahloba ka tlas’a tšebetso e ncha ea New Start ka selemo sa 2004. PSI/Lesotho e sebelisana ‘moho le Lekala la bophelo ho laola khokahano ea litsi tsa VCT , tse kang setsi se Butha-Buthe, Maseru, Maputsoe, Mafeteng, le Qachas Nek. Litsi tsena li fana ka boleng bo phahameng, tšebeletso tsa lekunutu tsa tlhabollo le hlahlobo ea boithaopi. Litsi ka kakaretso li sebelisa tlhabollo le tlhahlobo ea hloma o hlomolle e’o e leng mokhoa o hlokolosi oa ho anetsa litšebeletso ho ea fihlella sechaba se phelang hole le litšebeletso. PSI/Lesotho e etsa tlhokahalo ea litšebeletso tsa tlhabollo le hlahlobo ea boithaopi ka ho kopanya tšebeliso ea khaso le phatlalatso le puisano ea batho ka bo-mong. Ka 2008 PSI e tla bula litsi tse tharo tse ncha ka kopanelo le lekala la bophelo le CDC Mokhotlong, Thaba-Tseka le Quthing.
Tsebahatso/Papatso ea Likhohlopo Sechabeng (CSM)
Tlas’a lenaneo le tšehetsoang ka lichelete ke lekala la litaba tsa machabeng (kantle ho naha) Netherlands, PSI/Lesotho e bapatsa mefuta e meraro ea likhohlopo tsa banna. PSI/Lesotho hape e aba likhohlopo tsa boleng bo phahameng libakeng tsa tšebetso ka theko e tlaase, tse rekoang ke bahiri ba e’o li abela basebetsi ba bona kantle ho litefiso. Ho tloha esale lenaneo la CSM le thakholoa ka selemo sa 2001, ho sebelisoa motsoako oa maleba a kabo ea likhohlopo, tsebahatso le malaba-laba a thuto- thibelo ea HIV, PSI/Lesotho e ekelitse hararo lenane la likhohlopo tse rekisoang le likhoebo tse rekisang likhohlopo.
CAPABLE (Koporasi ea Lenane la AIDS le reretsoeng ho etsa Lesotho le Ntlafetseng)
E le tsela ea ho thusa likhoebo toants’ong kokoana-hloko ea HIV mesebetsing, PSI/Lesotho e qapile lenaneo la CAPABLE. CAPABLE e etsa lenaneo la HIV/AIDS mesebetsing ho lokela litlhoko tsa libaka tse fapakaneng tsa tšebetso. Mananeo a kenyeletsa tse ling kapa kaofela ha lintho tse latelang: Thuto ea methaka, Thupelo ea ho laola, phumantšo le kabo ea likhohlopo, ho etsa li-thusa thuto, tlhabollo le hlahlobo ea boithaopi (VCT) le koetliso le kanetso ea melaetsa.
Bafani:
• Thuso ea ‘Muso oa Ireland
• ‘Muso oa Netherlands
• PEPFAR
Litaba tsa Mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka: Laboraro la la 22 ‘Mesa, 2009. Ka kopo se ele letsatsi le behiloeng ka tlase hloohong.
Mefuta:
Mookameli oa Mokhatlo, Lesotho:
Louisa Norman, Moemeli oa naha.
t: +266 2232 6825
e: info@psi.co.ls
Lintle Lepole, Mookameli oa tsamaiso
t: +266 2232 6825
f: +266 2231 1200
e: info@psi.co.ls
Box 15863, Maseru 100
Lesotho
Moshoeshoe Road
Industrial Area
Maseru 100
Lesotho
t: +1 202 785 0072
f: +1 202 785 0120
e: info@psi.org
PSI 1120 19th Street
NW Suite 600
Washington, DC 20036