Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
• Tlhokomelo ea likhutsana
• Tlhokomelo ea batho ba baholo lilemong
• Ho rupela ba rerang ho nyalana ka bophelo ba lenyalo
• Ho hlabolla batho litabeng tsa HIV le AIDS
• Ho hlabolla batho ba rerang ho khaola lenyalo
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
• Muso Pelo e khothatsa bacha le ho ba lokisetsa bophelo ba lenyalo.
• Ho ts’ehetsa likhutsana le batho ba holileng lilemong
• Ho rupela bahlokomeli ba bakuli ba lefu la HIV le AIDS
• Ho fa bats’oaruoa tlhabollo le ho ba ruta ho bala le ho ngola
Meralo ea ka moso:
Musa-Pelo e rerile ho fihlela tse latelang:
• Ho qala setsi sa tlhabollo bakeng sa bacha hore ba rupeloe ka bophelo ba lenyalo pele ba nyalana
• Ho eketsa lenane la likhutsana tse tla fumana ts’ehetso
• Ho etsa boithuto/liphuputso ka ho rupela bacha kapa banyalani ka bophelo ba lenyalo moetlong oa Basotho, ele mokhoa oa ho fokotsa ts’oaetso. "Marriage preparation in the Basotho culture: A remedy against HIV and AIDS"
Litlhoko tsa mokhatlo:
Boholo ba mekhatlo linaheng tse ntseng li tsoelapele e hloka chelete ho fihlela merero/sepheo sa mekhatlo
Leha chelete ele tlhoko e kaalo, re hloka ‘tsebo le kutloisiso ea mosebetsi oo re o etsang le seo re rerileng ho se etsa.
Sena se hlalosa haholo hore na hobaneng liphuputso li hlokahala. Re hloka batho ba boithatelo bo botle ba ka re thusa ho fumana litsebo tse hlokahalang. Ha re hlakile ka seo re batlang ho se fihlela, batho ba tla fana ka chelete ho ts’ehetsa merero ea rona.
Litaba tsa Mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka: Sontaha sa la 22 Pulungoana 2009. Ka kopo se ele letsatsi le behiloeng ka tlase hloohong.
Mefuta:
Rev. Dr. E. K. Mandoro,Mongoli kakaretso
t: +266 2231 6690
t: +266 2231 3188
m: +266 6231 3188
e: kmandoro@yahoo.com
Lintlha tsa mantlha tsa khokahano Lesotho:
Dr. N. Nkoebe, Molula-Setulo
t: +266 2232 2776
Postal Address:
PO Box 9500
QII, Maseru 100
Lesotho
Physical Address:
Carlton Centre
Mokatong oa pele, Suite 104