Ministry of Agriculture, Department of Field Services

Mefuta:

Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:

, , , , ,

Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:

CARE, Lekala la Bophelo, Mokhatlo oa Romela Khomo, Mokhatlo oa Machaba oa lithuso tsa Bana (UNICEF), Mokhatlo oa lijo le temo (FAO), FNCO, Setsi sa Tlhabollo ea Batšoaruoa Lesotho, Ts’okollo ea bats’oaruoa metseng, Lekhotla la naha la AIDS Lesotho, Mokhatlo oa batho ba nang le bokooa Norway, Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu

Lefapha la Mantlha:

Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:

, , , , , , , , ,

Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:

, , , , , , , , ,

Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:

• Ho ntlafatsa tlhahiso ea lihlahisoa tsa temo tse fapakaneng ka lintlha tse mashome a ts’eletseng lekholong (60%).
• Ho theha lirapa tsa metseng selemo le selemo.
• Ho eketsa lenane la malapa a tla ba le seabo morerong oa ho etsa mesebetsi e kenyang chelete.
• Ho thoholetsa phepo e nepahetseng le tsireletso ea lijo metseng.
• Ho etsa lithupelo tsa mesebetsi ea matsoho.
• Ho etsa lithupelo ka taba tsa lijo le thuto ea bo ‘Maphepo.
• Ho thutsa Lihoai ho ntšetsa pele tsoaliso ea liphoofolo ka selemo.
• Ho thoholetsa leruo la lipoli tsa lebese.

Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:

Ho thusa Likhutsana le Bana ba phelang tlokotsing le ba anngoeng le ba ts’oaelitsoeng ke kokoana-hloko ea HIV le AIDS ka mesebetsi ea mantlha e kaholimo.
Ho fana ka lisebelisoa tsa temo ea liratsoaneng, tse kenyeletsang lipeo,senoesetsi, haraka, kharafu, khafole, meqomo ea boholo ba lilitara tse makholo a mabeli (200L), keribae, khafole ea letsoho le mohoma oa letsoho.

Meralo ea ka moso:

Ho tsoela pele ka ho thoholetsa le ho koetlisa lihlopha tsa ts’ehetso ka tlhokomelo ea phepo e nepahetseng le ts’ehetso bakeng la bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing le ba ts’oaelitsoeng ke kokoana-hloko ea HIV le AIDS.

Litlhoko tsa mokhatlo:

Ho thoholetsa ts’ebelisano-‘moho le khokahano kahar’a mekhatlo eohle.
Lithuso tsa lichelete: ‘Muso oa Lesotho
Litaba tsa Mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka: Labone la la 18 Phupjane 2009. Ka kopo se ele letsatsi le behiloeng ka tlase hloohong.

Mefuta:

Mrs. L. M. Bereng,‘Maphepo e moholo
t: +266 2232 0673
m: +266 5886 2873

Mrs. ‘Mapotsane Potsane,Mookameli
t: +266 2231 4230
m: +266 5800 2574
e: mapotsane@hotmail.com

Postal Address:

PO Box 24
Maseru 100
Lesotho

Physical Address:

Selikalikoeng se seholo pel’a kereke ea mofumahali oa tlholo, thinyetsa ‘nga ea holong ea liboka ea ‘Manthabiseng. Moaho oa pele ka letsohong le letona ke Lefapha la tšebeletso ea ljalo tsa masimong.