Mefuta:
Mokhatlo o Sebeletsang Motseng, Mokhatlo o Thehiloeng tlasa Bolumeli
Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:
Baithuti, Bana ba hlekefelitsoeng, Bana bao eleng lihloho tsa malapa, Basali, Orphans and Vulnerable Children, Street Children, Youth
Basebetsi ba Lefshoang:
3
Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:
Christian Revival Church, Kick 4 Life, LIRAC
Lefapha la Mantlha:
Thuto
Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:
Bohloeki, Boiketlo ba sechaba, Koetliso, Lijo, Mesebetsi ea Bacha, Temo, Thuto, Tlhokomelo ea bophelo
Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:
Maseru
Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
• Ho aha bokhoni ba kereke ea lehae ho sebetsana le litlhoko tsa sechaba sa metseng ka ho fana ka lichelete, koetliso le lisebelisuoa.
• Ho khothalletsa bophelo bo botle, thibelo ea mafu (haholo HIV/AIDS) le thlokomelo ea bakuli metseng, matlafatso ea batho le sechaba sa metseng hore ba laole litaba tse amanang le bophelo ba bona
• Ho matlafatsa malapa le sechaba sa metseng ho khotsofatsa litlhoko tsa bana ba likhutsana le bao maphelo a bona a leng tlokotsing ba tikolohong ea bona (ba katlaase ho lilemo tse leshome le metso e mehlano-15)
• Ho matlafatsa bana ba likhutsana le bao maphelo a bona a leng tlokotsing, bacha le batho ba baholo ka malebela a bophelo, thuto le litsebo tsa mosebetsi oa matsoho.
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
1. Tšehetso ea thuto
Ho tšehetsa bophelo bo bottle, boiketlo le thuto ea bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing. Hona ho kenyeletsa ho fana ka seaparo tsa sekolo le libuka ho bana hore ba kene sekolo le ho hokahana le mekhatlo ea bophelo hore ba hloele maphelo a bana le ho hlokomela litlhoko tsa bophelo. Ho lefella bana ba likhutsana le bao maphelo a bona a leng tlokotsing ba sa khoneng ho itefella sekolo chelete ea sekolo le ho ba hokahanya le mekhatlo e ka khonang ho ba thusa.
1.1 Ho fana ka mananeo a fanang ka malebela a bophelo
1.2 Ho hlophisa lihlapiso bakeng sa bana ba eang likolong tse phahameng le mekhatlo e meng.
1.3 Bophelo–bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing ba mashome a mabeli (20) ba isoa ngakeng khafetsa hore ba eo hloeloa maemo a bophelo; ebe ba leshome le motso o le mong ba nang le ts’oaetso ea kokoana-hloko ea HIV ba kenyeletsoa lenaneng la ba tla fumants’oa kalafo ea litlhare tsa “li-ARV”.
1.4 Ho theha lenaneo la koetliso le tlhahiso-leseling bakeng sa litho tsa kereke litabeng tse amanang le HIV le AIDS le bana ba likhutsana le bao maphelo a bona a leng tlokotsing.
1.5 Ho qala mekhoa ea boalafi koana metseng
1.6 Ho tsebisa le ho kenya ts’ebetsong “ Thuto holim’a tsa Bophelo Metseng”
1.7 Ho theha likaroloana tsa likhoebo tse nyenyane
1.8 Koetliso ea bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing litabeng tsa likhoebo tse nyenyane
1.9 Ho fana ka koetliso holim’a merero ea ho kenya chelete e le ho matlafatsa le ho lokisetsa likhutsana le bana ba phelang tlokotsing ho tsoa mananeong a rona.
2. Ho aha litsela le meaho, le tse ling ho ts’ehetsa merero ea “Love in Action Lesotho” ea ho fihlella metseng.
3. Ho holisa le ho qala mekhoa ea tšebetso ea ‘Love in Action’
4. Bots’ehetsi ba kelello le maikutlo sechabeng- bahlabolli ba baithaopi ba etela bana ba likhutsana le bao maphelo a bona a leng tlokotsing ba lekholo le mashome a mane1(40) beke e ‘ngoe le e ‘ngoe ho hlahlobisisa maemo a kelello le maikutlo a bona.
5. Kapeso- phano ea liaparo tse tsoang ho bafani ho bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing ba lekholo le mashome a mane (140) habeli ka selemo.
6. Ho theha morero oa tlhokomelo ea likhutsana metseng.
7. Ho fumana baikarabelli le baeletsi ba likhutsana le bana ba phelang tlokotsing le ba malapa a bona.
8. Bana ba likhutsana le ba phelang litlokotsing ba etsa le ho rekisa mabenyane/mekhabiso ka Lisontaha ho iphumanela chelete
9. Kabo ea liphutheloana tsa lijo ho malapa a mashome a supileng (70) khoeli le khoeli. Hona ho fanoa e le thuso ea nakoana bakeng sa ba lapileng le ba futsanehileng.
10. Ho lema liratsoana tsa liforo tse mashome a mane a metso e mehlano (45) malapeng a bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing metseng. Ba se ba fuoe lisebelisuoa tsa temo ea lirapeng le lipeo.
11. Ho fana ka koetliso ea moroko le mopheho bakeng sa bana ba likhutsana le ba phelang tlokotsing bao e leng bo-‘m’e ba banyenyane lilemong. Khokahano e ntse e batloa le bacha le tekano ho kenyeletsa ba tlang ho una molemo setsing sa bona tabeng tsa koetliso ea moroko le mopheho.
1. Morero oa khokahanyo ea tlhokomelo- ho theha morero oa tlhokomelo ea likhutsana metseng (e qalang ‘Mesa ka 2008)
2. Ho fumana baikarabelli le baeletsi bakeng sa bana ba likhutsana le bao maphelang tlokotsing le ba malapa a bona.
3. Morero oa ho kenya chelete (Jewels of Hope)- bana ba likhutsana le bao maphelo a bona a leng tlokotsing le bacha ba etsa mekhabiso matsatsing a Moqebelo ho fumana chelete
Meralo ea ka moso:
• Ho tsebisa le ho kenya ts’ebetsong thuto holim’a litaba tsa Bophelo Metseng”
• Ho theha setsi sa thlokomelo ea bana ba likonyana se sireletsehileng
Leano la tšehetso ea Thuto:
• Ho thusa bana ka mosebetsi oa sekolo mahae
• Lihlapiso li fumanehe bakeng la barutoana ba likolong tse phahameng
• Ho fana ka chelete ea ho reka seaparo sa sekolo le libuka bakeng la barutoana ba likolong tsa mathomo.
• Lenaneo la mekhoa ea boipheliso
• Tataiso ka litaba tsa mosebetsi
Ntlafatso ea Khoebo
• Ho theha makalana a fanang ka lithupelo ka tsa khoebo boemong bo faats’e
• Ho theha lenaneo la lithuso tsa lichelete boemong bo faats’e
• Ho etsa lenaneo la boeletsi bakeng la bacha ha ba theha likhoebo tse nyenyane
Litlhoko tsa mokhatlo:
Bots’ehetsi ba tsa lichelete e le ho tla etsa mesebetsi e latelang:
1. Ho hira basebetsi ba bang ho tla etsa/phethisa mesebetsi e latelang:
1.1 mohokahanyi oa merero ea ntlafatso
1.2 batsamaisi ba merero e kenyang chelete kotleng
1.3 bakoetlisi ba merero ea likoetliso
1.4 ofisiri ea litaba tsa theko le thekiso
2. Lisebelisuoa le thepa ea mesebetsi e latelang:
2.1 mechini e rokang bakeng la morero oa moroko
2.2 thepa ea moroko
2.3 lisebelisuoa tsa morero oa litholoana tse omisitsoeng
2.4 thepa le lisebelisuoa tsa morero oa leruo la likhoho
2.5 thepa le lisebelisuoa tsa morero oa lebaka la bohobe
2.6 thepa le lisebelisuoa tsa morero oa temo ea liratsoana
2.7 thepa le lisebelisuoa tsa morero oa mekhabiso le mabenyane
2.8 thepa le lisebelisuoa tsa morero oa ho betla likhalase
3. Koloi e felehetsang lijo le basebetsi mesebetsing e meng ea mokhatlo
Lithuso tsa lichelete: LNDC, Pioneers, IPSWICH, Portland, Eagles Wings, CRS, Dagmar Herish, Standing Order, American International School, Youth for Christ
Litaba tsa mokhatlo ona li ntlafalitsoe ka Labobeli la la 14 Phupu, 2009
Mefuta:
James Sebatana, Motsamaisi
t: +266 2231 6127
m: +266 5885 9989
e: loveinactionlesotho@gmail.com
e: jsebatana@yahoo.com
Postal Address:
Mokhoa ngollano ka poso:
PO Box 1565
Maseru 100
Lesotho
Physical Address:
Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona:
Sekolong sa Mathomo sa Katlehong