Linking Lives Patron HRH Prince Seeiso

Mefuta:

Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:

, , ,

Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:

Re hokahane le ntlo ea bolulo ea Masistere ea Holy Name mane Leribe (Sistere Veronica e le eena Ofisiri ea khokahano e kholo) ea nang le thahasello ea ho thusa lihlopha tsa Bananyana ba tsoang likolong tse mahareng, bao haufi ba tlang ho kenela merero ea moroko ka machine e le thuto e fanoang ka sekolong. Ke maikutlo a Basali ba Ha Simone ho ruta lihlotšoana tsena tsa Banana moroko hona motseng mono (likilomethara tse 3 ho tloha Leribe) tlas’a tsamaiso e ncha ea ‘Muso ea lithuso ka lichelete. Ha ho litlhophiso tse seng li le tšebetsong. E sa ntse e le meralong feela.

Lefapha la Mantlha:

Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:

, , , , , , , ,

Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:

Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:

Sepheo sa mantlha sa “khokahano ea maphelo” ke ho ntšetsa pele thuto ka thuso ea Bafani ba UK bakeng sa Bana ba lilemong tsa ho kena sekolo sa mathomo ba tla fetela likolong tse bohareng. Bana ba kenang likolo ka thuso ea rona ba sotlehile haholo ‘me malapa a bona a ke ke a khona ho lefa chelete ea sekolo, ea ho palama kapa seaparo sa sekolo kapa libuka le tse ling. Bana ke bona ba ngolang mangolo ka sekhooa ba bolela kamoo ba thabileng haele mona ba khona ho kena sekolo. Mangolo ana a teboho a tiisa ‘moko le ho fana ka tšepo. Thabo le khotsofalo e Baneng bana e ea hlolla. E ba fa boitšepo e bile e ba thusa ho lula ba tsepamisitse maikutlo. Le Bana ba bang ba khola litholoana tse hlabosehang ‘me ba utloa hore thuto ke tsela e isang bokamosong bo lokileng ‘me le lelapa kaofela le ba le tšepo.

Sepheo se seng ke ho fokotsa mathata a ho hloka chelete ka ho nehelana ka thepa e tla sebelisoa mererong e fapaneng ea Sechaba eo hamorao e tla iketsetsa chelete ka boeona.

Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:

Litaba tsa sekolo sa likonyana le sešelo se seholohali sa thepa.
Ka mphohali e tsoang ho hlooho ea sekolo sa likonyana se Bedfordshire, UK, se ileng sa tlameha ho koaloa, thepa ea sekolo sena e ile ea pakoa ke litho ‘me ea romelloa S.T. Johns Community, e Ha Simone ka hara setšelo se seholo sa thepa sa bolelele ba maoto a 20 ka Tšitoe 2007 ‘me ea fihla Lesotho ka Pherekhong selemong sa 2008. Setšelo sena se beiloe holima lebota la samente ka thokoana ho Motse ‘me se amohetsoe ke Mokhatlo ‘me se sebelisoa e le Ofisi.
Thepa e ‘ngoe e ngata e ileng ea fanoa ke Batho ba moo e ileng ea kenyeletsoa ka setšelong seo ke thepa e kang liphahlo, libaesekele, libuka, machine e rokang, thepa ea Ofisi. E ne e le mosebetsi o thata empa e ile e-ba boithuto bo boholo ‘me ke tšepo e kholo hore e tla thusa Sechaba sohle.

Ho feta lilemo tse peli, Mokhatlo ona o lekile ho aha sekolo sa likonyana setšeng se hona motseng oo se tlang ho thusa malapa a mangata le bana tikolohong eo. Tlhophiso le tsamaiso ea motse li batlile li re hlola. Ho rala le ho aha e sa ntse e le bothata ka har’a naha ea Lesotho. Feela re se re ntse re fihlile. Ka la 5 Hlakola, 2009 sekolo se ile sa qala ho sebeletsa ka phapusing ea nakoana feela ho fihlela moaho o felile, o ka ‘na oa fela ka ‘Mesa 2009.

Maqhama a tiileng a sekolo-ho-sekolo a thehiloe lipakeng tsa naha ea Lesotho le UK.

1. Sekolo sa maseea sa SURREY se hokahantsoe le sa ENGLISH MEDIUM LERIBE.
2. Sekolo sa S.T. JOSEPH sa LAUNCESTON CORNWALL se hokahantsoe le sa mathomo sa Leribe se motseng oa Ha Simone.

Bana ka Lefatše lohle ba ithuta ka ba bang. Bana ba UK ha bana kutloisiso le tsebo ea bofuma ‘me ho hokahana hona ho ba thusitse ho tseba ka tšotleho le bofutsana ho fapana le boiketlo le borui ba bona.

Bathusi/batšehetsi
Bathusi/Batsehetsi ba mokhatlo ona ba UK ba tšehetsa Bana ba likolong tsa mathomo le ba likolong tse bohareng. Khokahano ea lelapa lelapeng le eona e atlehile haholo esita le setsoalle sa ngollano.

Morero oa tšebetso oa moroko
Ke hona o qalang hape ka mora ho khefutsa. Bomme ba roka le ho etsa liphahlo hore ba rekise.

Mokhatlo oa khokahano ea maphelo o Ha Simone o qaliloe e le Mokhatlo o itšetlehileng o bile o laoloa ke oa lithuso o UK. Balaoli ba Ha Simone ba ikabetse ho fana ka nako ea bona Mokhatlong ona oa lithuso ‘me ke boikarabello bona katlehong le ho hloleheng ha merero ea tšebetso ka ho tšoara likopano le ho fihlela liqeto ‘moho.

Komiti e kholo ea phethahatso e na le Litho tse 10, ba tšeletseng ke ba Ha Simone, ba bane ke ba tsoang UK ba mokhatlo oa KHOKAHANO EA MAPHELO. Liqeto, hangata, litla etsoa ke Batho sebakeng sena empa rona ba UK re na karolo e’o re e bapalang ho etsoeng ha liqeto ts hoqetela, ebile re ntse re na le tokelo ka molao ho kena-kenana le tšebetso.

Meralo ea ka moso:

Komiti ea Batho ba leshome e eteletsoeng pele ke Petros Mokibi e qalile ka 2007 ho etsa mosebetsi oa ho lokisa tsela/’mila o eang nokeng ea Subeng, moo ho ka bonoang mophula o tsebahalang oa masalla a maoto a menoana e mehlano a phoofolohali ea mehleng ea khale (kholumo-lumo) sena ke sebaka se hloailoeng bakeng sa Batho ba nang le thahasello ea ho boha libaka tsa nalane ea lintho tsa bohlokoa Lesotho, ‘me meralo ena ea rona e chaelletsoe monoana ke Lekhotla la Motse la ntlafatso. Morero ke ho theha Setsi sa Baeti bakeng sa Bahahlaoli se tlang ho tsamaisoa ke Komiti molemong oa Sechaba kaofela. Ba lakatsa ho aha lirontabole tse sehlotšoana moo ho tla rekisoa tsohle tse entsoeng ka matsoho ho Bahahlaoli bat’lo boha masalla ao a liphoofolo. Ho se ho bonahetse thahasello ho Batho ba tlo shebella bolo ka 2010 mohopeng oa bolo oa Lefatše. Haufi haholo sebaka sena se tla bapatsoa leselinyaneng la TSA BOHAHLAOLI LESOTHO. Ho nyolla mokotla ha morero ona ho ntse ho tsoela pele.
Letsetsa Petros Makibi ha u batla ho tseba haholoanyane 0027789680317

Thuso ea lichelete: kereke e UK le ka ho etsa mokotla ka Sechaba.

Litaba tsa mokhatlo ona li ntlafalitsoe ka Mantaha oa la 30 Tlhakubele, 2009

Mefuta:

Lintlha tsa khokahanyo Lesotho:
Justice Makibi, Molula-setulo
+27 786 552 996

Evellyne Hlabi, Mongoli
Rose Makibi, Mots’oari oa Matlotlo
+266 2240 0505
+277 8658 2299

Mokhoa ngollano ka poso RSA:
PO Box 1326
Ficksburg 9730
Free State, RSA

Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona Lesotho:
St. John’s Community
Ha Simone
Leribe

Lintlha tsa khokahanyo United Kingdom:
Annette Glenn, Chairman
t: +44 1462 850 112
e: linkinglives@hotmail.co.uk
e: annette.glenn@hotmail.com

Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona United Kingdom:
122, Ampthill Road
Shefford
Beds
SG17 5BH