Lesotho Planned Parenthood Association

Mefuta:

Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:

, , , , , ,

Basebetsi ba Lefshoang:

54

Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:

Ministry of Health and Social Welfare, Ministry of Gender, Youth, Sports and Recreation, Ministry of Finance and Development Planning, Bureau of Statistics, Child and Gender Protection Unit, Ministry of Education, World Vision International Lesotho, Lesotho Red Cross Society, CARE International Lesotho, Christian Health Association, Population Service International, Lesotho Durham Link, Lesotho Girl Guides Association, National University of Lesotho, Women in Law in Southern Africa, Federation of Women Lawyers, Sechaba Consultants, Media Institute of Southern Africa le Lesotho News Agency

Lefapha la Mantlha:

Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:

, , , ,

Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:

, , , , , , , , ,

Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:

Bophatlalatsi:
Maikemisetso
Ho kenya letsoho tokisong ea moloao le tsamaiso le ho tlosa ts’itiso tsa bphelo, molao, le tsa moetlo tse hanyang banna, basali le bacha litokelong tsa bona tsa mantlha tsa ho fumants’oa lits’ebeletso tse amanang le taba tsa thoabalano, ho tlosa sekhobo se amangoang le taba tsa ts’ebeletso tsa thobalano ho ba nang le kobo ea bohali.

Ho nts’a mpa:
Maikemisetso
Ho fokotsa mekhoa e sa sireletsehang ea ho nts’a mpa, le ho sisinya puisano ho boralipolotiki, baetapele ba tumelo, baetsi ba tsamaiso,baikarabelli, bahlokomeli, le metse tabeng ena e kholo ea ho nts’a mpa ka mokhoa o sa sireletsehang ho sa leballoe melao e teng e amanang le ho nts’a mpa.

Koatsi ea bosolla hlapi:
Maikemisetso
Ho kenya letsoho phokotsong ea ts’oaetso ea koatsi ea bosolla hlapi le ho fokotsa tsela eo lefu lena le fihlang ka eona bathong, sena se ka etsahala ka tsela ea ho fumana ts’ehetso le sebaka se nepahetseng mabapi le litokelo tsa mantlha tsa batho.

Phumano:
Maikemisetso
Ho eketsa phumano ea litaba tse hlakileng tsa thobalano le bophelo bo botle , le ho fana ka lits’ebeletso tse hlokometseng taba ea phapano ea banna le basali, le ho shebana ka kotloloho hamoho le netefatsa tikoloho e bolokehileng ea taba tsa thoabalano ho sebelisoa taba tsa litokelo tse hlakileng tsa batho.

Maphurakhoahla/bacha:
Maikemisetso
Ho kenya letsoho matlafatsong ea bacha le nts’etsopele ea tsa bophelo ho ntlha tsa thobalano le melao ea teng e kenyaletsang phumano ea litaba le lits’ebeletso, le ho netefatsa tsebetso ea bacha ho etseng liqeto maphelong a bona.

Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:

LPPA ena le lintlha tse leshome tseo ho fumanoang ts’ebeletso ho tsona, tsena li fumaneha literekeng tse robeli ka hara naha, e leng Botha-Bothe, Leribe, Berea, Maseru, Mafeteng, Mohales Hoek, Quthing le Qachas Nek. Ho tse robeli tsa litereke hona le litsi tsa kokelo tse peli tsa banna le bacha seterekeng sa Maseru. Litsi tsena tsa li ts’ebeletso li fumaneha matlong a patalloang khoeli le khoeli, empa mokhatlo ona le meaho e ‘meli eo ntlo kholo e fumanehang teng le setsi sa bacha moo ofisi ea teng e fumanehang teng. LPPA e fana ka ts’ebeletso ea tsa metseng metseng e khethehileng ea mahae le lifemeng tseo tsa ho roang liaparo tsa Maseru le Mafeteng.
Lits’ebeletso tse fanoang ke LPPA li kenyeletsa tse latelang:
• Thero ea malapa
• Taolo ea mafu a likobo
• Phekolo ea mafu a itlhelang feela
• Tlhatlhobo ea ‘mele
• Polotso ea banna
• Tlhatlhobo ea boithaopo le tlhatlhobo ea kokoana hloko ea HIV
• Phano ea tsebo mabapi le litaba tsa thobalano le boitsoaro.

Meralo ea ka moso:

Chebelopele ea rona ke ho bona sechaba se senang tsoaetso le sechaba se phetseng hantle, moo motho e mong le e mong a ka fumanang litokelo tsa mantlha tsa botho. Moo sechaba se ka fumanang litokelo tsa ho fumana litaba tsa thoballano le bophelo bo botle. Ts’ebeletso e senang sekhobo, ts’abo le lits’ita tsa ho buoa. Moo bacha ba ka holang ha monate ‘me bana le matla a ho laola bokamoso ba bona.

Litlhoko tsa mokhatlo:

• Setsi sa kokelo: LPPA ena le litsi tse leshome tsa kokelo ‘me tse tharo ke tsa mokhatlo, tse supileng ke patalloang khoeli le khoeli bakeng tse ikarabellang ho BEDCO le Lesotho Red Cross Society.
• Lipalangoang: Mokhatlo o na le lipalangoang tse peli tse seng li fetiloe ke nako ea ts’ebetso. Ka lebaka la chelete e tlase LPPA e sitoang ho reka tse ncha. Hona ho sitisa ts’ebetso e makhethe ea mokhatlo.

Litaba tsa mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka: Labone la la 8 Mphhalane 2009.

Bafani:

IPPF, GTZ, Irish Aid, SAAF, KAF

Mefuta:

Mr. Mofokeng D. Makhetha, Motsamaise ea ka sehloohong
t: +266 2231 3645
f: +266 2232 1670
f: +266 2231 0328
e: lppa@lppayrc.org.ls
e: mofokeng@lppayrc.org.ls

Postal Address:

Mokhoa ngollano ka poso:
PO Box 340
Maseru 100
Lesotho

Physical Address:

Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona:
Pope John Paul II Road
Mabapi le Options Building
Maseru