Mefuta:
Local NGO
Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:
Baithuti, Balisana, Bana ba hlekefelitsoeng, Basali, Bokooa, Maqueku le Maphekoana, Orphans and Vulnerable Children, Youth
Basebetsi ba Lefshoang:
Ba leshome ka kakaretso (10) ka kakaretso
Ba 6 ba Maseru, ba 2 Pitseng Leribe, ba 2 ba Morija
Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:
LCN, LANFE, WHO, International Council of Women, ACWW, SOS, LPPA, UNICEF,
Mekhatlo eo e leng litho e kenyeletsa:
Mokhatlo oa Bo-‘M’abana oa kereke ea A.M.E. , Mokhatlo oa Bo-‘M’abana oa kereke ea L.E.C.
Boiteko Womens Association
Hlokomela Bana, Lesotho Homemakers Association,
Lesotho Trade Union Congress, Lesotho Womens Institute,
Mokhatlo oa Lesotho oa Basali ba nang le bokooa, Ntataise II,
Lesotho National League for Impaired Persons, Thibella Support Group, Office of the First Lady
Lefapha la Mantlha:
Thuto
Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:
Bokooa, Bophelo, Koatsi ea bosolla Hlapi/Kokoana hloko ea HIV/AIDS, Koetliso, Lijo, Mats’olo, Mesebetsi ea Bacha, Temo, Thuto, Tikoloho, Tlhokomelo ea malapeng
Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:
Berea, Butha-Buthe, Leribe, Mafeteng, Maseru, Mohales Hoek, Mokhotlong, Qachas Nek, Quthing, Thaba-Tseka
Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
LNCW ke sekhurumetso sa mekhatlo le lihlopha tsa boikopanyo tsa basali ho tloha metseng le metsaneng, ka sepheo sa ho ntlafatsa maphelo a tsona le ho nts’etsa-pele metse eo ba phelang ho eona e haufi esita le e hole le lits’ebeletso hohle ka har’a naha ea Lesotho.
Sena se fihleloa ka Thuto, ka lihlopha tsa ts’ehetso, le thupello ea mosebetsi oa matsoho le ea litsebo tse ka thusang ho ntlafatsa maphelo le ho felisa bofuma. Lits’ebeletso ka khetholoho li kenyeletsa tlhokomelo ea bana, likolo tsa bana ba banyenyane (likonyana) lits’ebeletso tse lokelang batho ba nang le bokooa, le thupelo ea mosebetsi oa matsoho. Tsena tsohle li fumaneha ka kotloloho litsing tse tharo tsa thupello tsa LNCW tse fumanehang Maseru, Morija, le Pitseng.
Litsebo tse rupelloang li kenyeletsa ho roka ka matsoho le ka mochini, ho loha ka mamao le ka koroche, ho ohla boea le ho etsa lisholo tsa ulu, tlhokomelo ea malapa, ho taea masela, ho etsa thepa ea lepolanka, ts’ebeliso ea likomputha, temo, leruo la likhomo le likhoho, ho phomosetsa, lithupelo tsa HIV/AIDS, tlhokomeliso ea tsa molao, le tlhahiso/pokello ea lijo.
Tlhokomelo le ts’ireletso ea litokelo tsa botho le bobuelli e le ho holisa le ho anetsa toants’o ea mefuta eohle ea khethollo. Tlhahiso le kanetso ea mesebetsi ka ho rupella batho litsebo tsa mosebetsi le tsa ho itlhahisetsa mesebetsi. Ho aha bokhoni ba basali mekhahlelong eohle ea bophelo e kang: lipolotiking, moruong, le phelisanong, re ntse re etsa bonnete ba ho kenyeletsa litaba tsa tekano ha re rala maano. Pheliso ea nyenyefatso le nyeliso ea boemo ba basali ka bobuelli ho baetsi ba maano.
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
Tlhokomelo ea likhutsana le bana ba phelang tlokotsing ka ho rupella litsebo le ho holisa le ho sireletsa litokelo tsa botho, ka ho buella le ho anetsa leano la tekano esita le litumellano tsa machaba holim’a kholiso ea litokelo tsa botho, tlhokomelo ea maphelo a bo-‘m’a le a bana ho kenyeletsoa litaba tsa HIV/AIDS.
Netefatso ea ho kenyeletsa litaba tsa tekano ea banna le basali ha re rala maano.
Meralo ea ka moso:
Ho matlafatsa le ho holisa manane a teng a thupello. Ho ntlafatsa menyetla ea basali ea ho kena sekolo se mahareng kapa sa mosebetsi oa matsoho ho kenyeletsoa le likhutsana le bana bao maphelo a bona a leng tlokotsing.
Pheliso ea bofuma ka ho qapa mesebetsi e kenyang chelete.
Phokotso ea khahlamelo e bosula le sekhahla sa HIV le AIDS.
Bafani:
Lithuso tsa chelete tse fumanoeng nakong e fetileng li kenyeletsa:
EU M86 000 (1984)
Canada Fund M25 000 (2005)
UNIFEM M45 000 (2006, bakeng sa mechini e rokang)
Boholo ba lithuso li oela ka thepeng (joaloka mechini e rokang) kapa meaho ea likolo kapa litsi tsa lithupelo.
Lichelete:
Unitarian Service Committee of Canada, European Economic Community, USAID, CIDA, ADF, Swazi Queens, Mokotla oa Lithuso tsa ntlafatso oa Matsieng, The Consulate General of Ireland, UN Womens Guild, Canada Fund
Thuso ea Thepa:
GoldaMeir Training Center, Africare, US Metropolitan Link, Danish Volunteer Service, UNICEF, US Ambassadors Fund, Lesotho Government Safety Net, Marena ka ho re fa lits’a, Lesotho National Commission for UNESCO, Africa 2000, African Heads of Missions Wives Associations
Thuso ea Lithupelo:
GoldaMeir Training Center, UNICEF, UNIFEM, IEMS, International Council of Women, Wives of American Ambassadors, Overseas Education Fund, Southern African Foundation for Development and Education, Canada Fund, Lesotho National Commission for UNESCO, National Council of Women of South Africa, Office of the First Lady
Baithaopi:
Skillshare International, American Peace Corps, Danish Volunteer Corps, American Embassy
Chelete e Potolohang:
American Right Sharing of World Resources, UNIFEM, Danish Volunteer Service
Mefuta:
’M’e ‘Mathabiso Mosala, President
t: +266 2232 2511
t: +266 2232 5482
f: +266 2232 4011
m: +266 5886 4462
e: mathabim@lhwc.org.ls
Molisa: Queen ‘Masenate Seeiso
’Mamatlotlo: Mrs. Likeleli Ntai
Mongoli: Mrs. ‘Masenate Moremoholo
Mokhoa ngollano ka Poso:
PO Box 1340
Maseru 100
Lesotho
Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona:
Maseru East–Stadium Area
Haufi le Kentucky Tseleng e lebang Bedco
Lintlha tsa khokahano ka ntle ho naha:
Lekhotla la Machaba la Basali (International Council of Women)
t: + 33 147 421940
e: icw-cif@wanadoo.fr
Mokhoa ngollano ka poso:
Radosveta Bruzaud
Secretary General
13 rue Caumartin
75009 Paris, France