Mefuta:
Mokhatlo o Sebeletsang Motseng
Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:
Balisana, Bana ba hlekefelitsoeng, Bana bao eleng lihloho tsa malapa, Basali, Orphans and Vulnerable Children
Basebetsi ba Lefshoang:
6
Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:
PAVA, RSDA, Makala a ‘Muso
SMART, Lekhotla la Mekhatlo e ikemetseng Lesotho, Care Lesotho, Master of the High Court, Lekala la boiketlo ba Sechaba, Lekhotla la Mekhatlo e ikemetseng Lesotho, RSDA, SMART, TRC, Lekala la temo le tlhahiso ea lijo, Lekala la meru le ntlafatso ea mobu.
Lefapha la Mantlha:
Ts’ireletso
Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:
Boiketlo ba sechaba, Bophelo, Koatsi ea bosolla Hlapi/Kokoana hloko ea HIV/AIDS, Lijo, Mats’olo, Temo, Tikoloho, Tlhokomelo ea malapeng
Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:
Berea, Mohales Hoek, Quthing
Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
Thuso ea tlhahiso ea lijo, bobuelli khahlanong le sekhobo le khethollo ea malapa ao a anngoeng ke taba tsa koatsi. Matlafatso ea Puso ea Libaka le litsi tsa metse tsa tsamaiso. Tšehetso le ntlafatsatso ea Likhutsana le Bana ba phelang tlokotsing malebana le litokelo tsa bona le ho ba etsetsa maano. Ho hokahana le ‘Maballi oa litaba lekhotleng le phahameng ho sireletsa ka molao Likhutsana le Bana bao bophelo ba bona bo leng tlokotsing. Ho koetlisa Litho tsa malapa le Baholisi holim’a litlhoko tse ikhethang tsa Likhutsana le Bana bao bophelo ba bona bo leng tlokotsing, joaloka maikutlong,joalo-joalo. Ho thusa malapa a thusanang kholisong ea likhutsana le Bana bao bophelo ba bona bo leng tlokotsing ka tlhahiso ea lijo tsa tsa bana bao ba joalo.
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
Mesebetsi e ntšetsoa-pele ka ho kenya tšebetsong mokho’a-katamelo/mofuta oa tšebetso (Reflection Action Reflection Method) oo ka oona basebetsi ba sebetsang ba bile ba ntse ba hlahloba tšebetso ea bona ka nako e le ‘ngoe.
Boitlhatlhobo: ho utloisisa boemo le ho hloaea mathata, mohloli oa mathata ao, le hore na mathata ao a hloauoeng a ama batho ka litsela li feng/tse joang.
Khato: Ho nka khato tse nepahetseng tharollong/ phelisong ea mathata ao.
Boitlhatlhobo: Hlahlobo ea khato e nkiloeng ho feliseng ha mathata ao; ho shebiloe liphetoho tse kabang li bakiloe ke khato e’o e nkiloeng.
Baneng ba Likhutsana le ba tlokotsing, Lefapha la thuto ka tsa khotso Sechabeng le thusa sechaba sa metseng ho theha makalana a tšehetso bakeng sa malapa a hlokomelang likhutsana; le ba koetlisa ka taba tsa botsoali, le ho ba hokahanya le Mekhatlo e sebetsang le Bana.
Ho lokisa tšebelisano-‘moho lipakeng tsa Lihlopha tse sebetsanang le HIV le AIDS le ba Puso ea Libaka, Marena le Baetapele ba bang metseng.
Ntlafatso ea Mekhatlo ea Sechaba sa metseng
• DPE e fana ka bophelo ho Lihlopha le Mekhatlo e futsanehileng e bile e sekisetsoa.
• Ho lokisa le ho hlopha tšebelisano-‘moho ka har’a me tse le bonngoe/boikopanyo ho tlisa toka sechabeng sa metse.
• Ho aha bokhoni ka har’a metse ho rarolla likhohlano ka lipuisano le mekhoa e meng ea khotso.
• Ho hokahanya merero ea sechaba sa metse le Litsi tse lokelang/amehang tsa ‘Muso le tseo e seng tsa ‘Muso (tse ikemetseng).
• Ho aha bokhoni ka har’a Sechaba sa metse, ba ho rala le ho tsamaisa merero e’o ba ikhethetseng eona ba photholohile.
Puisano holim’a Toka le Moruo:
• Ho lokisa sebae bakeng sa hore litho tse tloaelehileng tsa Sechaba sa metseng li tseke sebaka moo ho etsoang maano boemong ba metse, boemong ba naha le boemong ba machaba.
• Ho thusa sechaba ho hokahanya maemo a’o ba kopaneng le oona, le mathata a bona a sitisang tsoelo-pele moruong le maano a morao-rao a khoebo le khoebisano a sebelisoang lefaatše ka bophara.
• E matlafatsa Sechaba sa metseng hore se kenye letsoho litabeng tsa puso ka mekhoa e fapakaneng e kang: Lipitso, Makhotla a Sechaba, khetho ea Sechaba, Paramente ea Sechaba joalo-joalo.
HIV le AIDS e shejoa litabeng tsa litokelo le tsa maano.
Meralo ea ka moso:
Ho sebeletsa kopano lipakeng tsa Lihlopha tse fapakaneng tse sebetsanang le litaba tse amanang le HIV le AIDS le makalana a Puso ea Libaka, Marena, le Baetapele ba bang ba Sechaba sa metseng.
Litlhoko tsa mokhatlo:
Litaba tsa Mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka: Labohlano la la 12 Phupjane, 2009.
Bafani:
Boemeli ba Finland, DED
Mokhatlo oa lithuso tsa lichete ho ba itekang oa Canada.
Mefuta:
Sofonea Shale, Mohokahanyi
t: +266 2232 6855
f: +266 2232 5855
m: +266 5885 4920
e: shalesofonea@yahoo.com
Postal Address:
Mokhoa ngollano ka poso:
Private Bag A483
Maseru 100
Physical Address:
Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona:
Moahong oa TRC
1 Oak Tree Gardens
Qoaling Road
Old Europa, Maseru