Mefuta:
Mokhatlo o Ikemetseng oa Machaba
Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:
Bahlokomeli, Baithuti, Balisana, Bana ba hlekefelitsoeng, Bana bao eleng lihloho tsa malapa, Basali, Batho ba phelang le ts’oaetso, Maqueku le Maphekoana, Orphans and Vulnerable Children, Youth
Basebetsi ba Lefshoang:
29
Lefapha la Mantlha:
Bafani
Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:
Bohloeki, Boiketlo ba sechaba, Bokooa, Bophelo, Koatsi ea bosolla Hlapi/Kokoana hloko ea HIV/AIDS, Koetliso, Lijo, Mesebetsi ea Bacha, Phepelo ea metsi, Temo, Thuto, Tikoloho
Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:
Mohales Hoek, Thaba-Tseka
Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
Lefapha la thuso likoluoeng la Kereke e Catholic ke lona le sebetsang ka molao litabeng tsa Machabeng ntšetso peleng le likoluoeng le ba Mokhatlo oa lithuso oa Maroma America. CRS e sebetsa Linaheng tse mashome a mararo 30 Afrika, moo e sebetsang haholo polokelong ea lijo, khahong/popong ea khotso, HIV le AIDS, khaho ea Sechaba,phallo boemong ba tlokotsi le tsa bophelo bo botle har’a tse ling. Lesotho, joaloka naheng tse ling, e sebetsa le Mekhatlo e meng ka har’a naha, haholo-holo ea Kereke ea Roma ea toka le khotso le oa Caritas.
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
• Koetliso ea ho etsa liratsoana tsa temo malapeng a ka hare ho metse (Temo ea likoti, manthloane, poloko ea mobu, maqiti a temo)
• Phano ea lipeo, thepa ea temo majareteng, linete tse sireletsang lijalo khahlanong le serame metseng.
• Koetliso holim’a lijo le phepo e nepahetseng Sechabeng.
• Ntlafatso ea mekhoa e’o metse e ka ea ipokellelang chelete ka eona. (CFMS).
• Mokhoa oa ho boloka le ho alimana ka chelete Sechabeng (SILC).
• Phapanyetsano ea lihlahisoa ke Bana ba Sekolo.
• Tlhahiso-leseling ho baeta-pele ba metse ka bohlokoa ba thuto baneng
• Phano ea seaparo sa sekolo le lieta baneng ba likolo tsa Mathomo.
• Koetliso ea tlhahiso-leseling ka ka litaba tsa tekano, litokelo tsa Basali le Banana.
• Likopano ka litaba tsa boipheliso.
• Lipitso tse etsetsoang Banna ka tlhokomeliso ea Likhutsana le bana bao bophel ba bona bo leng tlokotsing.
• Ntlafatso ea mekhatlo ea ba Bacha moo ba tšohlang litaba tse ba amang.
• Tlhokomelo ea Batho le tšehetso koetlisong ea Litichere (mesuoe le mesuoetsana), CBOs, Batataisi, le baithaopi litabeng tsa thuto.
• Koetliso tabeng tsa tharollo ea lintoa bakeng sa baetapele ka har’a metse, mesuoe le mesuoetsana, li-CBO, batataisi ba phano ea lisebelisuoa le baithaopi litabeng tsa thuto
• Likoetliso tsa baetapele ba Sechaba . Litichere, CBOs, Batataisi le Baithaopi ka tsa thuto litabeng tsa tšireletso ea Bana.
• Ntšetso-pele le khaho ea Sechaba litabeng tsa matsema le boikopanyo.
Meralo ea ka moso:
Ho pharalla litsing tse leshome (10) tsa metebo ea litlhare.
Litlhoko tsa mokhatlo:
Litaba tsa Mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka: Labobeli la la 6 Mphalane, 2009
Bafani:
- Lekhotla la AIDS Lesotho
- Mokhatlo oa lithuso oa Ma-Irish
- CRS – Mokhatlo oa lithuso oa Kereke e Catholic
- Bafani ba bang
Mefuta:
‘M’e Palesa Malebo, Acting Lesotho Country Representative
t: + 266 2231 2750
e: pmalebo@ls.saro.crs.org
Mokhoa ngollano ka poso:
PO Box 11471
Maseru 100
Lesotho
Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona:
Main North 1
Cathedral Area Maseru 100 Lesotho
Lintlha tsa khokahano ka ntle ho naha:
Catholic Relief Services
PO Box 17090
Baltimore, Maryland 21203-7090
t: +1 410 625 2220