Catholic Commission for Justice and Peace: CCJP

Mefuta:

Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:

, , , , , , , , ,

Basebetsi ba Lefshoang:

Ba mashomea mabeli a metso e mene (24):
Ba bahlano ba Bobete, Ba bahlano ba Hloahloeng, Ba bahlano ba Ketaneng, Ba babeli ba Qacha’s Nek, A le mong Mafeteng, A le mong Manoyane, le ba bahlano Maseru ntlo-kholo.

Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:

Mekhatlo e ts’oaraneng ka matsoho le ona:
CRS, Caritas, UNICEF, CARE Lesotho, Action Aid

Lefapha la Mantlha:

Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:

, , , , , , , ,

Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:

, , , , , ,

Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:

CCJP e qalile ts’ebetso ka ho fumanoa ke Mokhatlo oa ba Bishop oa kereke e Katholiki (Lesotho Catholic Bishops Conference (LCBC). Mokhatlo oa CCJP o sebetsana le ho akofisa liphuputso, ho fana ka thuto, ho susumetsa le ho etsa mats’olo a toka, khotso le litokelo tsa botho. Tsena li akofisoe hore ebe karolo ea bophelo ba bakreste le basotho ka kakaretso ho fetisa mohoo oa phohomela ka litaba tsa khotso.
Justice and Peace e sebetsa ka matla ho aha sechaba le ho matlafatsa litsebo tsa mekhatlo e kenyang letsoho litabeng tsa puso ea sechaba, likerekeng tse sebetsang le Mokhatlo metseng, naheng ka bophara le ho fihlela machabeng. Sepheo sa mantlha sa Mokhatlo ke ho matlafatsa batho ka tsebo, le boikemelo, ba be le litsebo tse susumetsang kholo ea sechaba se hloahloa, ele hore merero ea Morena Jesu e phethahale: “’Na, ke tlile hore li be le bophelo, li bo bone ka ho fetisisa.” (John 10:10).
Justice and Peace e etsa tsena ka ho fana ka lits’ebeletso tsena;
Koetliso
Ho arolelana tsebo/lingoloa
Khokahano
Ntlafatso ea mekhatlo
Liphuputso le ho hlahloba maano
‘moho le ka ho etsa mats’olo holima tse latelang:
• Tekano
• Kanetso ea khotso moruong le tikolohong
• Ho akofisa bochaba
• Ho fenya khethollo ea ‘mala ho ate ts’oarelano
• Botho le ho bopa khotso
• Ts’ireletso ea bana
• Le lintlha tse ling tsa bohlokoa

Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:

Mokhatlo oa CCJP’o sebetsana le manane a latelang hajoale:

1) Likhutsana le bana ba tlokotsing: Ts’ireletso ea bana
Lenane lena le kenyeletsa thuto ka litokelo tsa bana le ho fetisetsa tsebo sechabeng ka litokelo tsa bana ba likhutsana le ba maemong a tlokotsi. Mokhatlo o hokahanya Bana ba likhutsana le ofisi ea Master of the High Court le bosebeletsi bo bong bo ka ba thusang ha ho hlokhala joalo. Mokhatlo oa CCJP o sireletsa likhutsana hore li se nkeloe thepa ka mahahapa, Mokhatlo o susumetsa hore ba thusoe ho amoheloa likolong. Lenane lena le sebetsa literekeng tse tharo: Mohale’s Hoek, Thaba-Tseka, le Maseru.

2) Tekano: Ho matlafatsa boikemelo ba banna le basali le ts’ebelisano ‘moho
Lenane lena le akofisa thuto ea litokelo tsa mantlha tsa botho, ho laola likhohlano, ‘me thuto e fuoa banna le basali metseng ka ho fapana. Lenane-thuto lena le fanoa ka thuso ea batho ba motse oa Qacha ba ileng ba rupelloa ke Mokhatlo hore ebe sehlots’oana sa ts’ebetso. Lenane le boetse le fana ka thupelo ea ho fenya tlhekefetso ea ka malapeng le ho akofisa toka e lokisang metseng. Ka thuso ea ofisiri ea Molao, CCJP e boetse e thusa ho etsa lits’usumetso holima liphetoho molaong tse amang basali.

3) Kanetso ea puso le mats’olo a liphetoho
CCJP e sebetsa le mekhatlo ea sechaba (CBOs) ho ntlafatsa boikemelo le litsebo tsa ho sebetsa le puso ea libaka. Ba fana ka thupelo e shebanang le batsamaisi ba makhotla a metse le basebeletsi ba muso ka tsela ea ts’ebelisano ‘moho. Lenane le fumaneha Butha-Buthe, Mokhotlong, le Thaba-Tseka.

4) Taolo ea Likhohlano
Lenane lena le sebeletsa ho felisa likhohlano lipakeng tsa marena le bakhethoa ba puso ea libaka, ka ho etsa mokhoa oa lipuisano moo bohle ba kopanang ho buisana ka mathata a bona, boteng ba setsibi sa mokena lipakeng oa CCJP. Lenane lena le fumaneha Mafeteng, ‘me le rarolla le makukuno a basebetsi le baahi ba metse e pela Kolo Diamond Mines.

5) Toka ea khoebo
Mokhatlo oa CCJP ke setho sa mokhatlo oa Lesotho Economic Justice Network oo sebetsanang le ho bona hore moruo oa naha o arotsoe ka toka. CCJP e sebetsana le ho susumetsa Muso, Ofisi ea Linaha tsa Europa tse ikopantseng (EU), le ba bang ba amehang litabeng tsena. Ba sebelisa boithuto bo tsoang liphuputsong tseo ba li bokelletseng (mohlala, Tlhatlhobo ea litlhoko tsa batho – Basic Needs Survey) ho bonts’a bohlokoa ba hore bebofatsa/ho theola theko ea lijo le litlhoko tsa mantlha, hape ho nyolloe le mekholo ea batho ba fumanang lichelete tse ka tlaase. Mokhatlo o fana ka koetliso ho bahoebi holima melao ea khoebo le maano a teng. Melaetsa ena e fetisoa ka mokhoa oa sea-le-moea le lingoloa tse hlahisoang hane ka selemo, ele emeng ea mekhoa ea ho fetisa melaetsa.

6) Lenane la khokahano ea ntlo ea bakhethoa (Paramente)
Karolo ena e shebana le ho sala morao lipuisano tsa paramente ‘m’e litaba tsa teng li arolelanoe le barapeli. Mokhatlo oa CCJP o boela o fetisetsa likhothaletso le ho kenya letsoho ka matla litabeng tsa paramente khafetsa.

Meralo ea ka moso:

Merero ena e kenyeletsa:
• Ho ts’oara lipuisano tsa sechaba ka tlasa lenane lena la khokahano le paramente
• Ho atisa lenane la Ts’ireletso ea bana ho fihlela sebaka sa Lebakeng le Hamarakabei
• Ho hlophisa lipuisano tsa sechaba ka literekeng tse ka boroa
• Ho koetlisa Balaoli ba likhohlano ka hara metse hore ba tle ba sebetse tlasa Mookameli oa lenane oa bolaoli ba likhohlano

Litlhoko tsa mokhatlo:

Litaba tsa Mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka laboraro la la 18 Pulungoana 2009

Bafani:

Irish Aid, CRS, NAC, Trocaire, Kellogg Foundation, DED

Mefuta:

Mr. Booi Mohapi, Mookameli oa Mokhatlo
t: +266 2232 4263
m: +266 6212 1212
bmohapi@ccjp.org.ls

Lintlha tsa mantlha tsa khokahano Lesotho
Mrs. Mantloana Nkune, Mookameli oa ofisi
t: +266 2232 4263
m: +266 5891 6388
mnkune@ccjp.org.ls

Postal Address:

Mokhoa ngollano ka poso:
PO Box 200
Maseru 100
Lesotho

Physical Address:

Sebaka seo mokhatlo o fumanehang ho sona:
Justice and Peace House, Cathedral Area, Main North 1, Maseru