Mefuta:
Mokhatlo o Ikemetseng oa Machaba
Batho ba Sebeletsoang ke mokhatlo:
Batho ba phelang le ts’oaetso, Orphans and Vulnerable Children
Basebetsi ba Lefshoang:
42
Likamano le tsebelisano-Moho ka hara naha:
BCMCFL e boloka likamano tsa tšebetso tse mofuthu le mekhatlo ka har’a naha ea Lesotho.
Lekala la Bophelo le Boiketlo ba Sechaba, UNICEF, Clinton Foundation, Touching Tiny Lives, World Food Programme, Kereke ea Chache Lesotho, Sentebale, Swedish Save the Children, Mission Aviation Fellowship, Setsi sa Kalafo sa Senkatana, Lesotho Textile Exporters Association, Le tse ling
Lefapha la Mantlha:
Tsebeletso ea bophelo bo botle
Makala ao mokhatlo o sebetsang le ona:
Koatsi ea bosolla Hlapi/Kokoana hloko ea HIV/AIDS, Koetliso, Tlhokomelo ea bophelo
Litereke tseo mokhatlo o fumanehang ho tsona:
Berea, Butha-Buthe, Leribe, Mafeteng, Maseru, Mohales Hoek, Mokhotlong, Qachas Nek, Quthing, Thaba-Tseka
Ts'ebetso ea Mantlha ea Mokhatlo:
Baylor College of Medicine International Pediatric AIDS Initiative e sebeletsang Houston, Texas e boikitlaetsong ba ho ntlafatsa bophelo le mekhoa ea ho phela ea bana ba nang le ts’oaetso ea kokoana-hloko ea HIV le malapa ka liqola tsohle tsa lefatše. Thomo ea eona ke ho rala lenane la boemo bo phahameng, khahlamelo e holimo, kalafo le tlhokomelo e nepahetseng ea bana le tlhokomelo ea ka lapeng ea HIV/AIDS le kalafo, koetliso ea botsebi ntlheng ea bophelo, le liphuputso tse amanang le bophelo. Setsi sa Baylor (COE) Maseru se ahiloe le ho fuoa thepa ke Baylor International Kalafo le tlokomelo ea bana AIDS Initiative (BIPAI), ka tšehetso ea Bristol-Myers Squibb Secure the Future Foundation. BIPAI e alosa tšebetso le taolo ea setsi sena sa bophelo. Litšebeletso li tšehetsoa ka lichelete ke ‘muso oa Lesotho ka lekala la Bophelo le Boiketlo ba Sechaba. Tse ling tsa litsi tsa bophelo tsa BIPAI li se ntse li sebetsa linaheng tsena: Romania, Botswana, Swaziland, Malawi le Uganda. Litsi tse ling tse tharo tsa bophelo Africa li maemong a fapakaneng a tsoelo-pele Burkina Faso le Tanzania.
Tsebetso ea Mokhatlo mona Lesotho:
BCMCFL e laola Baylor College of Medicine Bristol-Myers Squibb Childrens Clinical Centre of Excellence (COE) Maseru. Ena ke ts’ebeletso eo ho eona ho thusoang batho ka tlhokomelo le kalafo, le thupello ea botsebi ba tsa bophelo. Moaho oa setsi o mekato e ‘meli, o setšeng sa boholo ba maoto a 14,000 sekoere se fanoeng ke naha ea Lesotho. Setsi sena se thusang bakuli ba alafelloang malapeng se na le liphaposi tsa ho hlahlobela tse 10, phaposi ea tsa litšebeletso, phaposi ea litlhareng, ntlo e nyenyane ea liteko tsa mahlale, le liphaposi tsa koetliso/thupelo. Basebetsi ba setsi ba sebelisa sebaka sena ho koetlisetsa basebeletsi ba Lesotho botsebi ba tsa tlhokomelo ea bophelo, tlhokomelo le kalafo ea bana ba nang le tšoaetso ea HIV. Litšebeletso tsa Baylor College of Medicine Bristol-Myers Squibb Childrens Clinical Centre of Excellence kaofela ha li lefelloe, esita le bakuli ha ba hloke ho fetisetsoa kae kapa kae.
Letlole lena le boetse le ntšetsa pele bosebeletsi ka har’a litereke tse leshome (10) ka basebetsi ba Baylor ba potolohang ka har’a litereke ba sebetsa lipetleleng tsa ‘muso le litsing tsa bophelo bo botle.
Manane a mararo a ka sehloohong ao BCMCF-L e sebetsanang le ona a kenyeletsa:
I. Tlhokomelo le Kalafo ea Bana/Malapa a anngoeng ka HIV/AIDS
Lenane lena le kenyeletsa tlhabollo pele le kamorao ho tlhahlobo bakuling kaofela,ka lilemo ho fapana. Bana ba nang le tšoaetso ea HIV ba ngolisoa lenaneng, ‘me ba amoheloa sepetleleng sa Mofumahali Elizabeth oa bobeli ha ho hlokahala, haele ba se nang tšoaetso ea HIV ba alafeloa mafu ao e bang ba na le ona. Ba nang le tšoaetso ea HIV le bakhachane ba tšoaelitsoeng, le bona ba fumana tlhokomelo hona setsing. Batho ba baholo ba nang le tšoaetso ba fetisetsoa litsing tsa kalafo tse haufi, setsing sa Senkatana. Maemong a khethehileng (a kang moo motho ea tšoaelitsoeng e leng motho ea hlokang haholo, motsoali kapa ngoana), batho ba baholo ba alafeloa Baylors “setsing sa malapa sa bophelo bo botle” Bakuli bohle ba ngolisitsoeng ba fumana tlhokomelo e feletseng, ‘moho le kalafo le litlhare, ho kenyeletsoa le ARV, taolo ea mafu a hlobaetsang le tšoaetso ea mafu a nkang monyetla, tšebeliso e ntle ea kalafo ea antiretroviral, phepo e ntle le tšebeletso ea lefuba, ho tšepahalla litlhare, litšebeletso tsa tšehetso ea maikutlo le tlhabollo, ‘moho le phumantšo ea litlhare.
Esale ho tloha ka 2008, lenane le amohetse bana ba 3300 le batho ba baholo ba 600.
II. Thupello ea Baabi ba tsa Bophelo ho potoloha le naha ka tlhokomelo le kalafo ea bana le malapa a nang le HIV/AIDS
Lingaka tsa Baylor li potoloha le litereke ka hare ho naha, li etela lipetlele tsa ‘muso le litsi tsa bophelo bo botle. Ha ba ntse ba le maetong ao, ba rupella batataisi bao eleng basebetsi ba sebaka seo ba leng ho sona ka kalafo le tlhokomelo ea bana HIV/AIDS, phano ea likoetliso tse fang sechaba sa metse bokhoni. Sena se bohlokoa bakeng sa bana ba phelang hole le Maseru ‘moho le COE ea mantlha, e le hore bana ba nang le tšoaetso ea HIV ba be le tlhokomelo e nepahetseng ka har’a metse ea hab’o bona.
Ka tšebelisano-mmoho le lekala la Bophelo le Boiketlo ba Sechaba, BCMCF-L e tlisa bahlokomeli ba bophelo ho hlaha mahlakoreng ohle a naha ho Baylor College of Medicine Bristol-Myers Squibb Childrens Clinical Centre of Excellence Maseru ho tla fumana koetliso mafapheng a kalafo le tlokomelo ea bana khahlanong le HIV/AIDS. Baylor e boetse e tšoara lithupelo sebakeng sa lihlopha tse ling tse sebetsanang le HIV Lesotho; ho feta moo, ho na le lithupelo tse etsetsoang barupelluoa ka hore ba ithute ka ho etsa seo ba se rupelletsoeng. Ho tloha ka 2006-2007, BCMCFL e tsamaisitse lithupelo tse fetang lihora tse 216 tse boemo bo botle, ba fiheltse litsebi tse 503 ntlheng ea tlhokomelo ea bophelo.
I. Ts’ebeletso ea Liphuputso reretsoeng ho tlatsetsa ka malebela Sepheo sa Tlhokomelo le Kalafo
BCMCFL e hlophisa liphuputso tse amanang le bochaba le litsebeletso tsa bophelo tse holim’a liteko tsa ho tlatsetsa ka malebela le tlhokomelo ea bakuli litsing, esita le ho potoloha le naha.
Meralo ea ka moso:
Ho tlatsetsa lipalo tse ntseng li nyoloha tsa kalafo le tlhokomelo ea bana le bakuli ba malapa ba COE Maseru, bosebeletsi ho ea literekeng tse leshome ka kakaretso boa eketseha, ho kenyeletsoa keketseho ea tlhokomelo le kalafo ea bakuli le ntšetso-pele ea koetliso ea bosebeletsi. Moralo oa tšebetso oa kamoso ke ho aha setsi sa bophelo sa satellite seterekeng se seng le se seng.
Ha joale, ho ntse ho lokisetsoa kaho ea litsi tse ‘ne tsa bophelo tse thusang ho isa litšebeletso sechabeng Leribe, Qachas Nek, Botha Buthe le Mokhotlong, tse lebeletsoeng ho phetheloa mafelong a selemo sa 2009. Tse ts’eletseng tse setseng li tla ahoa le ho phetheloa hang ha tsena tse ‘ne li kena ts’ebetsong.
Litlhoko tsa mokhatlo:
Litaba tsa Mokhatlo ona li hlophiloe bocha ka: Labone la la, 21, Motšeanong 2009
Bafani:
BCMCF-L e tšehelitsoe ka kopanelo ke ‘Muso oa Lesotho / Baylor.
Likarolo tsa lithuso tse eang ho BCMCFL ike tse latelang:
•Moaho: Moaho oa setsi sa bophelo se Maseru o fanoe ke Bristol-Myers Squibb
•Litšebeletso (basebetsi, litlhare, tsamaiso): li etsoa ke ‘Muso oa Lesotho ka Lekala la Bophelo le Boiketlo ba sechaba ka nyehelo ea chelete e fanoang selemo le selemo.
•Lenane la Kalafo le tlokomelo ea bana AIDS Corps (le fana ka lingaka tsa Baylor Lesotho): ke kopanelo ea Baylor College of Medicine le Bristol-Myers Squibb.
•Katoloso ea mesebetsi ea UNICEF Lesotho.
•Khaho ea litsi tsa bophelo tse thusang ho isa lits’ebeletso sechabeng literekeng ka kakaretso (tse ntseng li tsoela pele selemong sa 2009): Baylor College of Medicine, Sepetlele sa bana sa Texas, le Bristol-Myers Squibb.
•Lithuso tse ling tse seng tsa ‘Muso.
•Bolisa le tsamaiso: Baylor International Baylor International Pediatric AIDS Initiative.